Mattheu 26:73 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare hoba ho fete nako e telele, ba emeng teng, ba re ho Petrose: Kannete, le wena o e mong wa bona; hobane puo ya hao e a o bontsha. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba atamela, ba re ho Petrose: Le wena, o wa bona ruri; hobane puo ya hao e a o bonahatsa. BIBELE Hamoraonyana, ba emeng moo ba tla ho Petrose, ba re: “Kannete le wena o e mong wa bona, hobane le puo ya hao e a o paka.” Baasraak Sotho NT Yare hoba ho fete nako e telele, ba emeng teng, ba re ho Petrose: Kannete, le wena o e mong wa bona; hobane puo ya hao e a o bontsha. |
Yaba o qala ho rohaka le ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Mme hanghang mokoko wa lla.
A boela a latola. Kamora nakwana, ba emeng teng ba boela ba re ho Petrose: Kannete, o e mong wa bona;
Ba hlollwa bohle, ba hlollwa, ba botsana, ba re: Bonang, bana bohle ba buang na hase Bagalelea na?