Yaba baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba setjhaba ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.
Mattheu 26:58 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Petrose a mo latela a le hole, ho ya fihla lebaleng la moprista e moholo; Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a mo latela a le hole, mme a fihla tlung ya moprista e moholo; mme eitse hobane a kene lebaleng, a dula le bahlanka, a tle a bone qetello ya ditaba tseo. BIBELE Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla ha Moprista e Moholo, mme hoba a kene, a dula le bahlanka ho bona pheletso. Baasraak Sotho NT Empa Petrose a mo latela a le hole, ho ya fihla lebaleng la moprista e moholo; |
Yaba baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba setjhaba ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.
Ho dumellana le mohanyetsi wa hao kapele, o sa le tseleng le yena; e se re mohlomong mohanyetsi a o neela moahlodi, mme moahlodi a o neela mohlanka, mme wa lahlelwa teronkong.
Yaba ba mo nka, ba mo isa, ba mo isa tlung ya moprista e moholo. Petrose a latela a le hole.
Simone Petrose o ne a eme a ikomosa. Ba re ho yena: Na le wena ha o e mong wa barutuwa ba hae na? A latola, a re: Ha ke yena.
Yare ha baprista ba baholo le bahlanka ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena.
Bafarisi ba utlwa letshwele le mo dumaduma; mme Bafarisi le baprista ba baholo ba roma bahlanka ho mo tshwara.
Jwale bahlanka ba tla ho baprista ba baholo le ho Bafarisi; ba re ho bona: Ha le a ka la mo tlisa keng?
Jwale molaodi wa sekete a ya le bahlanka, ba ba tlisa, e se ka matla, hobane ba ne ba tshaba setjhaba, esere ba tlepetswa ka majwe.