La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 26:41 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.

Ver Capítulo

BIBELE

Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.

Ver Capítulo



Mattheu 26:41
34 Referencias Cruzadas  

Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona.


Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.


A ba a re ho bona: Moya wa ka o tshwenyehile haholo, ho isa lefung; salang mona, le fadimehe le nna.


O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.


Fadimehang, le rapele, le tle le se ke la kena molekong. Moea o hlile o ikemiselitse, empa nama ea fokola.


O re tshwarele dibe tsa rona; hobane le rona re tshwarela bohle ba nang le melato ho rona. O se ke wa re isa molekong; empa o re lopolle bobeng.


Fadimehang ke hona, le rapele ka mehla, hore le tle le fumanwe le le le tshwanelang ho phonyoha dinthong tsena tsohle tse tla etsahala, le ho ema pela Mora motho.


Ha a fihla sebakeng seo, a re ho bona: “Rapelang hore le se ke la kena molekong.


A re ho bona: “Le robaletseng? tsohang, le rapele, le tle le se ke la kena molekong.


Ba lefikeng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo; mme bana ha ba na motso, ba dumelang ka nakwana, mme mohla moleko ba wa.


Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa tlwaelehang ho batho; empa le moleko o tla le bea sebaka sa ho phonyoha, le tle le tsebe ho o jara.


Itebeleng, le eme le tiile tumelong, le be banna, le be matla.


Empa ke itima mmele wa ka, mme ke a o laola, esere mohlomong, ha ke se ke boleletse ba bang, nna ka ba ya lahlwa.


Mme ba e leng ba Kreste ba thakgisitse nama le dithato le ditakatso.


Ka kamehla le rapele ka Moya, ka thapelo yohle le thapeli, le fadimehele teng ka tiisetso yohle le thapello bakeng sa bahalaledi bohle.


Empa bofelo ba dintho tsohle bo atametse;


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


Morena o tseba ho lopolla badumedi melekong, le ho bolokela ba kgopo ho fihlela letsatsi la kahlolo.


Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.


Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.