A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;
Mattheu 26:36 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale Jesu a tla le bona nqalong e bitswang Gethesemane, a re ho barutuwa: Dulang mona, ke sa ya rapela mono. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Jesu a ya le bona nqalong e bitswang Gethesemane. A re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke sa ya mane ho rapela. BIBELE Jwale Jesu a ya le bona serapeng se bitswang Gethesemane, mme a re ho barutuwa: “Dulang mona ha ke sa ntse ke eya mane ho rapela.” Baasraak Sotho NT Jwale Jesu a tla le bona nqalong e bitswang Gethesemane, a re ho barutuwa: Dulang mona, ke sa ya rapela mono. |
A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;
A boela a tloha kgetlo la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ha senwelo sena se ke ke sa feta ho nna, ha ke sa se nwe, ho etswe thato ya hao.
Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.
Yena mehleng ya nama ya hae, ha a ne a nyehela merapelo le merapelo ka sello se matla le ka meokgo ho ya neng a ka kgona ho mo pholosa lefung, mme a utluwa ka ho tshaba ha hae;