Mattheu 26:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong. Sesotho 1909/1961 (SO) Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong. BIBELE “Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.” Baasraak Sotho NT Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong. |
A re: Ke sitilwe, ka ho eka madi a se nang molato. Ba re: Taba eo e re amang? bona seo.
Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme ba bangata ba nyolohela Jerusalema pele ho Paseka, ho ya itlhwekisa.
Matsatsi a tsheletseng pele ho Paseka, Jesu a tla Bethania, moo Lasaro ya neng a shwele, eo a mo tsositseng bafung, a neng a le teng.
Jutase, ya mo ekang, le yena o ne a tseba sebaka seo, hobane Jesu o ne a phuthehela teng hangata le barutuwa ba hae.
hore ho tle ho phethehe lentswe la Jesu leo a le boletseng, a bolela lefu leo a tla shwa ka lona.