Mattheu 24:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste; mme ba tla kgelosa ba bangata. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata. BIBELE Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna Kreste,’ mme ba tla kgelosa ba bangata. Baasraak Sotho NT Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste; mme ba tla kgelosa ba bangata. |
Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa.
Ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ha e mong a ka tla ka lebitso la hae, yena le tla mo amohela.
Jesu a re ho bona: Etlare hobane le phahamise Mora motho, ke moo le tla tseba hore ke nna yena, le hore ha ke etse letho ka bonna; empa ke bua taba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.
Bana, ke nako ya bofelo, mme jwalokaha le utlwile hore antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba le teng; ka hona re tsebang hobane ke nako ya ho qetela.
Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.
Mme moya o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng ka nama, hase wa Modimo; mme le jwale e se e le teng lefatsheng.
Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.