Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela.
Mattheu 24:42 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona. BIBELE “Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona. Baasraak Sotho NT Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona. |
Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela.
Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.
Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng.
Yare ba sa ya reka, monyadi a fihla; mme ba neng ba itokisitse ba kena le yena moketeng wa lenyalo, mme monyako wa koaloa.
Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Le itlhokomele, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke ho ja ho jewa, le ke botahwa, le dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le wela le sa lebella.
Fadimehang ke hona, le rapele ka mehla, hore le tle le fumanwe le le le tshwanelang ho phonyoha dinthong tsena tsohle tse tla etsahala, le ho ema pela Mora motho.
Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang; empa a re falimeheng, ’me re hlaphoheloe.
Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;
Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.