Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.
Mattheu 24:37 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa jwalokaha ho bile mehleng ya Noe, ho tleng ha Mora motho ho tla ba jwalo. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa jwalokaha ho bile mehleng ya Nowe, le ho tleng ha Mora motho ho tla ba jwalo. BIBELE Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla. Baasraak Sotho NT Empa jwalokaha ho bile mehleng ya Noe, ho tleng ha Mora motho ho tla ba jwalo. |
Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.
Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?
Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.
mme ba se ke ba tseba ho fihlela moroallo o tla, o ba hohola bohle; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
Ka tumelo Noe, eitse hobane a lemoswe ke Modimo ka tse esong ho bonahale, ka tshabo, a lokisa areka ho pholosa ba ntlo ya hae; ka yona o ahlotseng lefatshe, mme a fetoha mojalefa wa ho loka ho tswang ka tumelo.
mme ha a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa a pholosa Nowe mmoledi wa ho loka, e le wa boroba meno e le mmedi, ha a tlisa morwallo hodima lefatshe la ba kgopo;