Hobane mohlang oo, ho tla ba le matshwenyeho a maholo, a esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, tjhe, mme ha a sa tla hlola a eba teng hape.
Mattheu 24:29 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hanghang kamora matshwenyeho a matsatsi ao letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona, dinaledi di tla wa lehodimong, le matla a mahodimo a tla sisinyeha. Sesotho 1909/1961 (SO) Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha. BIBELE “Hanghang kamora ditlokotsi tsa matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa; dinaledi di tla wa lehodimong, mabotho a mahodimo a tla tsukutleha. Baasraak Sotho NT Hanghang kamora matshwenyeho a matsatsi ao letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona, dinaledi di tla wa lehodimong, le matla a mahodimo a tla sisinyeha. |
Hobane mohlang oo, ho tla ba le matshwenyeho a maholo, a esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, tjhe, mme ha a sa tla hlola a eba teng hape.
Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.
Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; hoo karolo ea boraro ea tsona e ileng ea fifala, ’me motšehare ha oa ka oa chabela karolo ea boraro ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.