Ho madimabe lona batsamaisi ba difofu, ba reng: Ha motho a hlapanya ka tempele, hase letho; empa ya anang ka kgauta ya tempele, o molato;
Mattheu 23:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena. BIBELE “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena. Baasraak Sotho NT Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; |
Ho madimabe lona batsamaisi ba difofu, ba reng: Ha motho a hlapanya ka tempele, hase letho; empa ya anang ka kgauta ya tempele, o molato;
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya koena le anise le kumine, mme le lesitse ditaba tse boima tsa molao, e leng kahlolo, le mohau, le tumelo;
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le hlwekisa bokantle ba senwelo le ba mokeke, empa ka hare ho tletse boshodu le bohlola.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sweufaditsweng, a bonahalang a le matle kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le ditshila tsohle.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le haha mabitla a baporofeta, mme le kgabisa mabitla a ba lokileng;
Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?
Ba araba, ba re ho yena: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o a re ruta na? Mme ba mo leleka.
Empa Elimase wa senohe, (hobane lebitso la hae le fetolelwa jwalo) a ba hanyetsa, a batla ho kgelosa mmusisi tumelong.
A re: “Na ha re a ka ra le laela ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? mme bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rerile ho tlisa madi a monna enwa hodima rona.
Ba mo dumela, mme ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba bua ka lebitso la Jesu, mme ba ntoo ba lokolla.
Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.
Jwale jwalokaha Janese le Jambrese ba hanyeditse Moshe, le bona bana ba lwantsha nnete jwalo, e le batho ba dikelello tse bodileng, ba nyatsehang mabapi le tumelo.