Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee dira tsa hao bonamelo ba maoto a hao?
Mattheu 22:45 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, ha Davida a mmitsa Morena, e ka ba mora wa hae jwang? Sesotho 1909/1961 (SO) Na Davida ha a mmitsa morena, e ka ba mora wa hae jwang? BIBELE “Haeba he Davida a mmitsa Morena, ke mora wa hae jwang?” Baasraak Sotho NT Jwale, ha Davida a mmitsa Morena, e ka ba mora wa hae jwang? |
Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee dira tsa hao bonamelo ba maoto a hao?
Jesu a re ho bona: Kannetenete, ke a le bolella, Abrahama a eso ho hlahe, ke ne ke ntse ke le teng.
ba bontata rona ke ba bona, bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, e leng Modimo ya okametseng tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen.
Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.
Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;
Nna, Jesu, ke romile lengeloi la ka ho le pakela taba tseo hara dikereke. Ke ’na motso le leloko la Davida, naleli e khanyang ea meso.