Mattheu 22:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re ho yena: Ke tsa Sesare. Yaba o re ho bona: Ka baka leo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare; le ho Modimo dintho tsa Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. BIBELE Ba re: “Ke tsa Sesare.” Yaba o re ho bona: “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Modimo seng sa Modimo.” Baasraak Sotho NT Ba re ho yena: Ke tsa Sesare. Yaba o re ho bona: Ka baka leo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare; le ho Modimo dintho tsa Modimo. |
Jesu a re ho yena: O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kelello ya hao yohle.
Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.
Jesu a araba, a re ho bona: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota.
A re ho bona: Ka baka leo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo.
Ba qala ho mo qosa, ba re: Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba, a hanela ho ntshetsa Sesare lekgetho, a re, yena ke Kreste, morena.
Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Le ahlole lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona ho feta Modimo.
Yaba Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.
Neang bohle tse ba lokelang; tlwaelo ho bao tefiso; poifo ho ya tshabehang; hlompho ho ya hlomphuwang.