Mattheu 22:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, a re: Baikaketsi le ntekelang? Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a tseba lonya la bona, a re: Le ntekelang, lona baikaketsi? BIBELE Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, mme a re: “Baikaketsi ting! Le ntekelang? Baasraak Sotho NT Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, a re: Baikaketsi le ntekelang? |
Bafarisi le bona ba tla ho yena, ba mo leka, ba re ho yena: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la ntho e nngwe le e nngwe na?
Ka baka leo, re bolelle, o reng? A ho dumeletswe ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?
A boela a roma e mong; yena ba mmolaya, le ba bang ba bangata; ba otla ba bang, ba bolaya ba bang.
Yare ha Jesu a lemoha kapele moyeng wa hae hore ba ne ba nahana jwalo ka dipelong tsa bona, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona?
Jwale, ramolao e mong a ema, a mo leka, a re: Moruti, ke tla etsa eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?
Empa Jesu, ha a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le ntse le nahana ka dipelo tsa lona jwang?
Ba bua jwalo, ho mo leka, hore ba tle ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana, jwaloka hoja a sa ba utlwe.
Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang ha le dumellane ho leka Moya wa Morena? bona, maoto a ba epetseng monna wa hao a monyako, mme ba tla o isa kantle.
Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.