Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.
Mattheu 20:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng. BIBELE “Ba re ho yena: ‘Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.’ “A re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.’ Baasraak Sotho NT Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela. |
Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.
Yare ha e batla e eba hora ya leshome le motso o mong, a tswa, a fihlela ba bang ba eme, ba sa etse letho, a re ho bona: Le emetseng moo letsatsi lohle le sa etse letho?
Eitse ha e se e le mantsiboya, monga tshimo ya merara a re ho molebedi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba nee moputso wa bona, o qale ka ba morao ho isa ho ba pele.
Ke tlameha ho sebetsa mesebetsi ya ya nthomileng e sa le motsheare; bosiu bo a tla, boo ho seng motho ya ka sebetsang ka bona.
Ba re: Banna bao re tla ba etsa jwang? Hobane mohlolo o hlaheletseng o entsoe ke bona, ho bonahala ho bohle ba ahileng Jerusalema; mme re ke ke ra e latola.
Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.
Le ntse le tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo motho a e etsang, o tla e newa ke Morena, ebang ke lekgoba kapa ya sa ruilweng.
E leng sephiri se neng se patilwe ho tloha kgale le melokong, empa jwale se senoletswe bahalaledi ba hae.
Gobane Modimo ga se yo a sa lokago ge a ka lebala modiro wa lena le lerato leo le le bontšhitšego leineng la gagwe, ka ge le hlanketše bakgethwa, le sa ba direla.