A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
Mattheu 20:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Efela le tla nwa senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; ho bao ba di lokiseditsweng ke Ntate. Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Efela le tla nwela senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; empa haele ho dula letsohong la ka le letona, kapa ho le letshehadi, ha ke na ho ho nea motho, haese ba ho lokiseditsweng ke Ntate. BIBELE A re ho bona: “Ha e le senwelo sa ka le tla se nwa, empa ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng ke Ntate.” Baasraak Sotho NT A re ho bona: Efela le tla nwa senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; ho bao ba di lokiseditsweng ke Ntate. |
A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.
Empa ho dula ka letsohong la ka le letona le ho le letshehadi ha se nna ya fanang ka yona; empa ho tla newa bao ho lokiseditsweng bona.
Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.
Empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa kena pelong ya motho.
Mme tsholofelo ya rona ka ga lona e nitame, ka re itse gore, jaaka lo tlhakanetse mo dipogong, le lona lo tlaa nna le seabe mo kgomotsong.
Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;
Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.