Mattheu 18:32 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba morena wa hae a mmitsa, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo ke wena, ke o lebaletse molato oo kaofela, kahobane o ile wa nthapela. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba morena wa hae o mo laetsa, a re ho yena: Mohlanka ya lonya, ke ne ke o leseletse molato wohle wa hao, kahobane o ne o nthapetse. BIBELE “Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: ‘Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela. Baasraak Sotho NT Yaba morena wa hae a mmitsa, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo ke wena, ke o lebaletse molato oo kaofela, kahobane o ile wa nthapela. |
Yare ha bahlanka ba bang ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.
Na le wena o ne o sa tshwanela ho hauhela mohlanka mmoho le wena, jwalokaha le nna ke ile ka o hauhela?
Mong wa hae a araba, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka jala.
Mme a re ho yena: O mohlanka ya kgopo, ke tla o ahlola ka molomo wa hao! O tsebile hobane ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala;
Jwale re a tseba hore tsohle tseo Molao o di bolelang, o di bolella ba tlasa Molao, hore melomo yohle e thijwe, mme lefatshe lohle le be molato pela Modimo.
Hobane ya sa kang a etsa mohau o tla ahlolwa ka ho hloka mohau; mme mohau o ipela ka kahlolo.