Mattheu 16:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao. BIBELE Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele. Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele. |
Yare ha ba etswa, ba fumana monna wa Sirene, lebitso la hae e le Simone; ba mo qobella ho jara sefapano sa hae.
Jesu a mo tadima, a mo rata, a re ho yena: O haellwa ke ntho e le nngwe: eya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; ’na.
Ba qobella mofeti e mong, Simone wa Cyrene, a etswa naheng, ntata Aleksandere le Rufase, hore a mo jare.
Eitse hobane a biletse bongata ho yena le barutuwa ba hae, a re ho bona: E mong le e mong ya ratang ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.
Le fa e le mang yo o sa sikareng sefapaano sa gagwe, a ntshala morago, ga a ka ke a nna morutwa wa me.
Yare ha ba mo isa, ba tshwara monna e mong ya bitswang Simone wa Cyrene, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, hore a se jare kamora Jesu.
Yaba a jere sefapano sa hae, a ya nqalong e bitswang Lehata, e bitswang, ka Seheberu, Golgotha.
O ne a bua hona, a bontsha lefu leo a tla tlotlisa Modimo ka lona. Eitse hobane a bolele hoo, a re ho yena: Ntatele.
Jesu a re ho yena: Ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? ntatele wena.
Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;
Hore ho se be motho ya sisinngwang ke dihloreho tsena, hobane le a tseba hore ke tsona tse reretsweng tsona.
Hobane le bileditswe hona, hobane Kreste le yena o utlwile bohloko bakeng sa rona, a le siela mohlala, hore le latele mehato ya hae.