Mattheu 16:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o laela barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Jesu Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, a laya barutuwa ba hae, a re, ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste. BIBELE Yaba o laya barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste. Baasraak Sotho NT Yaba o laela barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Jesu Kreste. |
Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.
Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laela hore ba se ke ba bolella motho tseo ba di boneng, ho fihlela Mora motho a tsohile bafung.
Lentswe ha le utlwahala, Jesu a fumanwa a le mong. Ba e boloka, ba se bolelle motho mehleng eo letho la tseo ba li boneng.
Yena a qala ka ho fumana Simone, ngwanabo, mme a re ho yena: Re fumane Mesia, ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.
Filipi a fumana Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng ka yena molaong, le baporofeta, e leng Jesu, mora Josefa, wa Nasaretha.
Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.
Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebe ruri hore Jesu eo le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Kreste.
Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.
E mong le e mong ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme e mong le e mong ya ratang ya tswetseng, o rata le ya tswetsweng ke yena.