Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana; Wa pele ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo;
Mattheu 16:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola. BIBELE Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola. Baasraak Sotho NT Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye. |
Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana; Wa pele ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo;
Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;
Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.
Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle. Mme Morena a eketsa ka tsatsi le leng le le leng kerekeng ka ba pholoswang.
Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.
Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.
Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba bonahala e le ditshiya, ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba nea nna le Barnabase matsoho a matona a kopano; hore re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.
E le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa,
Ke yena hloho ya mmele, ya kereke; e le hore a tle a be le sebaka sa pele nthong tsohle.
Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.
(Ekare ha motho a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, o tla hlokomela kereke ya Modimo jwang?)
Ka baka leo, ha re amohela mmuso o ke keng wa sisinyeha, a re beng le mohau oo ka wona re ka sebeletsang Modimo ka mokgwa o o kgahlisang, ka borapedi le ka tshabo.
Lengeloi la bosupa la letsa; mme ha utlwahala mantswe a maholo lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mebuso ya Morena wa rona le ya Motlotsuwa wa hae; mme o tla busa ka ho sa feleng le kamehla.
Lerako la motse le ne le na le metheo e leshome le metso e mmedi, eo ho yona e leng mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.