Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona.
Mattheu 15:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a araba, a re: Ha ke a romelwa, haese dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele. Sesotho 1909/1961 (SO) A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng. BIBELE Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.” Baasraak Sotho NT Empa a araba, a re: Ha ke a romelwa, haese dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele. |
Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona.
Eitse ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba qhalane jwaloka dinku tse se nang modisa.
Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;
Jwale ke re: Jesu Kreste e bile mosebeletsi wa lebollo ka baka la nnete ya Modimo, ho tiisa ditshepiso tse etseditsweng bontate.