Mattheu 14:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kgosi ya swaba, empa ka baka la kano, le ka baka la ba dutseng dijong le yona, ya laela hore a e newe. Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a swaba; empa ka baka la kano ea hae, le ka baka la ba dutseng dijong le yena, a laela hore a e newe. BIBELE Mmusisi a swaba, empa ka baka la kano ya hae, le ka baka la ba leng dijong le yena, a laela hore a e newe. Baasraak Sotho NT Kgosi ya swaba, empa ka baka la kano, le ka baka la ba dutseng dijong le yona, ya laela hore a e newe. |
Eitse ha a rata ho mmolaya, a tshaba letshwele, kahobane le ne le mo nka e le moporofeta.
Morena Heroda a utlwa taba tsa hae; (hobane lebitso la hae le ne le tumile) mme a re: Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e bonahalang ho yena.
Hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a tseba hobane ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo boloka mme ha a mo utlwa, a etsa tse ngata, a mo utlwa ka thabo.
Morena a swaba haholo; leha ho le jwalo, ka baka la kano ya hae, le ka baka la ba dutseng le yena, ha a ka a hana ho mo lahla.
A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, ke etsa diphodiso kajeno le hosasane, mme ka tsatsi la boraro ke tla be ke phethehile.