La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 13:55 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Na enoa hase mora oa ’metli? Na mmae ha a bitswe Maria na? le banababo Jakobo, le Jose, le Simone, le Judase?

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?

Ver Capítulo

BIBELE

Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda?

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Na enoa hase mora oa ’metli? Na mmae ha a bitswe Maria na? le banababo Jakobo, le Jose, le Simone, le Judase?

Ver Capítulo



Mattheu 13:55
23 Referencias Cruzadas  

Har’a bona ho ne ho e-na le Maria Magdalena, le Maria, ’m’a Jakobo le Jose, le ’m’a bara ba Sebedea.


Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole, hara bona ho le Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome;


Maria Magdalena le Maria mma Jose ba bona moo a beilweng teng.


Na eo hase mmetli, mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, Juda, le Simone? le dikgaitsedi tsa hae na ha di na le rona mona? Mme ba ne ba kgopeha ke yena.


Ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida; lebitso la morwetsana e le Maria.


E ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le basadi ba bang ba nang le bona, ba bolellang baapostola taba tseo.


Jesu yena a qala a na le dilemo tse ka bang mashome a mararo, jwalokaha ho ne ho thwe, ke mora Josefa, mora Eli.


Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na?


A bolellwa ba bang, ha thwe: Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.


Haufi le sefapano sa Jesu ho ne ho eme mmae, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Kleopa, le Maria Magdalena.


Ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo ntatae le mmae re ba tsebang? ha ho le jwalo, o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong?


Re a tseba hobane Modimo o buile le Moshe;


Empa ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.


Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng: