A tla, a aha motseng o bitswang Nasaretha, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ha ho thwe: O tla bitswa Monasaretha.
Mattheu 13:54 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a fihla naheng ya habo, a ruta sinagogeng ya bona, hoo ba bileng ba hlollwa, ba re: Enwa o nkile bohlale boo le mehlolo ee kae? Sesotho 1909/1961 (SO) Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae? BIBELE a fihla motseng wa habo, mme a rutela batho tlung ya bona ya thapelo, hoo ba ileng ba hlollwa, mme ba re: “Bohlale boo le diketso tsee tse hlollang, eo o di nka kae? Baasraak Sotho NT Eitse ha a fihla naheng ya habo, a ruta sinagogeng ya bona, hoo ba bileng ba hlollwa, ba re: Enwa o nkile bohlale boo le mehlolo ee kae? |
A tla, a aha motseng o bitswang Nasaretha, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ha ho thwe: O tla bitswa Monasaretha.
Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.
Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;
Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.