Mattheu 13:36 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o kgutlisa bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re hlalosetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Jesu a kgutlise bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re qaqisetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. BIBELE Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.” Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o kgutlisa bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re hlalosetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. |
A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
Jesu a phakisa a laela barutuwa ba hae hore ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a phatlalatsa matshwele.
Empa o ne a sa bue le bona kantle ho papiso, empa ha ba le bang, a hlalosetsa barutuwa ba hae tsohle.
A phakisa a laela barutuwa ba hae hore ba kene sekepaneng, ba etelle pele mose wane ho ya fihla Bethsaida, ha yena a ntse a phatlalatsa bongata.
Eitse hobane a kene ka tlung, a etswa letshweleng, barutuwa ba hae ba mmotsa tsa setshwantsho seo.