Mattheu 13:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa, ’me nakong ea kotulo ke tla re ho bakotuli: Bokellang mofoka pele, ’me le o tlame mangata ho o chesa, empa le bokelle koro molikong oa ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka. BIBELE Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ” Baasraak Sotho NT Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa, ’me nakong ea kotulo ke tla re ho bakotuli: Bokellang mofoka pele, ’me le o tlame mangata ho o chesa, empa le bokelle koro molikong oa ka. |
Empa a re: Tjhe; esere mohlomong ha le bokella mofoka, la fothola le koro hammoho le wona.
Mme ditjhaba tsohle di tla bokellwa kapele ho yena, mme o tla kgetha batho ho ba bang, jwaloka modisa ha a arola dinku ho dipodi.
Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;
Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.
Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ka botlalo, a bokelle koro ka tlung ya hae; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.
Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle jwaloka lekala, mme o a omella; mme batho ba a bokella, ba a lahlela mollong, mme a tjhe.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho pele ho nako, ho fihlela Morena a etla, ya tla hlahisa tse patilweng tsa lefifi leseding, mme a bonahatse merero ya dipelo;
Dibe tsa batho ba bang di pepeneneng, di ba etella pele ho isa kahlolong; mme ba bang ba ba latela.