La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 11:29 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jarang joko ea ka, le ithute ho ’na; hobane ke bonolo, ke ikokobeditse pelong, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.

Ver Capítulo

BIBELE

Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jarang joko ea ka, le ithute ho ’na; hobane ke bonolo, ke ikokobeditse pelong, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.

Ver Capítulo



Mattheu 11:29
38 Referencias Cruzadas  

A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao o tla ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, le petsana ya esele.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.


Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.


Yaba ba tswa ho ya bona se etsahetseng; ba tla ho Jesu, ba fumana monna eo batemona ba tswileng ho yena, a dutse maotong a Jesu, a apere, a ena le kelello e hlaphohileng: mme ba tshaba.


Hobane ke le beetse mohlala, le tle le etse jwalokaha ke le entse.


Haeba le tseba dintho tsena, le a thaba ha le di etsa.


Ke yena Moshe ya itseng ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; yena le tla mo utlwa.


ho ba se nang molao, ka ba jwaloka ya se nang molao, (ke se ya hlokang molao ho Modimo, empa ke le tlasa molao wa Kreste), ke tle ke hape ba seng molaong.


Jwale, nna, Pauluse, ke a le rapela ka bonolo le bonolo ba Kreste, eo ke leng bonolo hara lona ha ke le teng, empa ha ke le siyo, ke le sebete mabapi le lona.


Re diha mehopolo, le ntho e nngwe le e nngwe e phahamileng, e iphahamisang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme mehopolo yohle e tle e utlwe Kreste;


Lo nne le pelo e e ntseng jalo mo go lona, e le yone e neng e le mo go Keresete Jesu.


Hobane le tseba ditaelo tseo re le laetseng tsona ka Morena Jesu.


Ka mollo o tukang, o iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ba sa utlweng Evangeli ya Morena wa rona Jesu Kreste;


Mme eitse hobane a phethehe, a etswa moqapi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang;


Ya reng o dutse ho yena, e ka kgona le yena a tsamaye jwalokaha le yena a tsamaile.