Hobane ha le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Le bona balekgetho ha ba etse jwalo?
Mattheu 11:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona. BIBELE Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: ‘Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.’ Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.” Baasraak Sotho NT Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona. |
Hobane ha le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Le bona balekgetho ha ba etse jwalo?
Eitse ha a kena tlung ya e mong wa ba baholo ba Bafarisi ka tsatsi la Sabatha, ho ya ja bohobe, batho ba mo disa.
Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: O kene ho ya robala ha monna wa moetsadibe.
Mme batho bohle ba mo utlwang, le balekgetho, ba bolela hore Modimo o lokile, ha ba ntse ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne.
Ba re: Amen: Poko, le kganya, le bohlale, le teboho, le hlompho, le matla, le bonatla, di be ho Modimo wa rona kamehla le mehla. Amen.