Empa moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba bitsang balekane ba bona;
Mattheu 11:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re: Re le leletse phala, mme ha le a ka la tjeka; re le llele, mme ha le a ka la lla. Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla. BIBELE ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko! Re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla!’ Baasraak Sotho NT Ba re: Re le leletse phala, mme ha le a ka la tjeka; re le llele, mme ha le a ka la lla. |
Empa moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba bitsang balekane ba bona;
Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka lla, monyadi a sa na le bona na? empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo.
Jesu ha a fihla tlung ya mmusi, a bona diletsi tsa diphala le letshwele le etsang lerata.
Mme bongata bo boholo ba batho ba mo latela, le basadi ba neng ba ntse ba lla, ba mo llela.
Ba jwaloka bana ba dutseng mapatlelong a motse, ba howeletsanang, ba re: Re le leletse phala, mme ha le a ka la tjeka; re le llele, mme ha le a ka la lla.