La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 10:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.

Ver Capítulo

BIBELE

Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.

Ver Capítulo



Mattheu 10:8
15 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.


Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: ’Mmuso wa mahodimo o atametse.


Le se ke la fana ka kgauta, kapa silefera, kapa koporo dikgetjheng tsa lona;


Ba tla tshwara dinoha; mme leha ba nwele ntho e bolayang, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


Le fodise ba kulang ba teng, le re ho bona: Mmuso wa Modimo o atametse ho lona.


Petrose a re: Silevera le kgauta ha ke na tsona; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, ema, o tsamaye.


Ka ho otlolla letsoho la hao ho fodisa; le hore dipontsho le meeka di tle di etswe ka lebitso la Jesu, Mora wa hao ya halalelang.