Empa Bafarisi, ha ba utlwa, ba re: Motho enwa ha a leleke batemona, haese ka Belsebule morena wa batemona.
Mattheu 10:25 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho lekane hore morutuwa a be jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Haeba ba bitsitse monga ntlo Beelsebule, na ba tla bitsa ba ntlo ea hae hakaakang! Sesotho 1909/1961 (SO) Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang! BIBELE Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang!” Baasraak Sotho NT Ho lekane hore morutuwa a be jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Haeba ba bitsitse monga ntlo Beelsebule, na ba tla bitsa ba ntlo ea hae hakaakang! |
Empa Bafarisi, ha ba utlwa, ba re: Motho enwa ha a leleke batemona, haese ka Belsebule morena wa batemona.
Haeba nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba e leleka ka mang? ka baka leo, e tla ba baahlodi ba lona.
Ba re ho yena: Re ka kgona. Jesu a re ho bona: Ruri, senwelong seo ke tla se nwa, le tla se nwa; mme kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona le tla kolobetswa ka yona.
Bangodi ba theohileng Jerusalema ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.
Haeba Satane le yena a arohane, mmuso wa hae o tla tiya jwang? hobane le re ke leleka batemona ka Beelsebule.
Haeba nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? ka baka leo, e tla ba baahlodi ba lona.
Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?
Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le modemona. Abrahama o shoele, le baprofeta; mme wena wa re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.