Empa le iponele ho batho, hobane ba tla le neela makgotleng, ba le shape masinagogeng a bona;
Mattheu 10:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba. BIBELE Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene. Baasraak Sotho NT Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba. |
Empa le iponele ho batho, hobane ba tla le neela makgotleng, ba le shape masinagogeng a bona;
Empa etlare ha ba nehelana ka lona, le se ke la tshwenyeha hore na le tla bua jwang kapa eng, hobane seo le tla se bua le tla se newa ka yona nako eo.
Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Empa le iponele, hobane ba tla nehelana ka lona makgotleng; le tla otlwa ka matlung a thapelo, mme le tla iswa pela babusi le marena ka baka la ka, e be bopaki ho bona.
Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna motshwaruwa wa hae;
Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.
Etlare hobane ba qete bopaki ba bona, sebata se nyolohang sekoting, se tla ba lwantsha, mme se tla ba hlola, se ba bolaye.
Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.