Mattheu 10:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E mong le e mong ya sa le amoheleng, leha e le ho utlwa mantswe a lona, etlare ha le etswa tlung eo, leha e le motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona. Sesotho 1909/1961 (SO) E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona. BIBELE Ha mang kapa mang a sa le amohele le ho mamela dipolelo tsa lona, tswang tlung eo kapa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona. Baasraak Sotho NT E mong le e mong ya sa le amoheleng, leha e le ho utlwa mantswe a lona, etlare ha le etswa tlung eo, leha e le motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona. |
Mme e mong le e mong ya amohelang ngwana e mong ya jwalo ka lebitso la ka, o a nkamohela.
Mang le mang ya sa le amoheleng, leha e le ho le utlwa, mohla le tlohang teng, le hlohlore lerole le katlasa maoto a lona, e be bopaki ho bona. Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo ho Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta motse oo.
A re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana enwa ka lebitso la ka, o a nkamohela, mme e mong le e mong ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng;
Mang le mang ya sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki ho bona.
Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.
Eitse ha ba hana, ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; Ke hlwekile: ho tloha jwale ke tla ya ho Baditjhaba.
Ka baka leo, ya nyatsang ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, wona o re neileng Moya o Halalelang wa wona.