Mattheu 10:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe kapa ofe, le botse hore na ke mang ho wona ya nang le tokelo; le dule teng ho fihlela le tloha. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe wa teng ya nang le tshwanelo; le dule ha hae le be le tlohe. BIBELE “Motseng kapa motsaneng ofe le ofe oo le kenang ho wona, le batle ya ka le amohelang, mme le hlole teng ho fihlela le tloha. Baasraak Sotho NT Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe kapa ofe, le botse hore na ke mang ho wona ya nang le tokelo; le dule teng ho fihlela le tloha. |
Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: O kene ho ya robala ha monna wa moetsadibe.
Eitse hobane a kolobetswe, le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ekare ha le mpone ke le ya dumetseng ho Morena, kenang tlung ya ka, le hlole teng. Mme a re qobella.