Le lahleleng mohlanka ya se nang molemo lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno.
Filemone 1:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tseo pele di neng di se na thuso ho wena, empa jwale di na le thuso ho wena le ho nna. Sesotho 1909/1961 (SO) ya neng a se na thuso ho wena pele, empa jwale o na le thuso ho wena le ho nna, mme ke mo kgutlisetsa ho wena. BIBELE yena eo pele e neng a se na thuso ho wena, empa jwale ya nang le thuso ho rona ba babedi. Baasraak Sotho NT tseo pele di neng di se na thuso ho wena, empa jwale di na le thuso ho wena le ho nna. |
Le lahleleng mohlanka ya se nang molemo lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno.
Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme o boetse o a phela; o ne a lahlehile, mme o fumanwe. Mme ba qala ho thaba.
Ho ne ho loketse hore re thabe, mme re thabe, hobane ngwaneno enwa o ne a shwele, mme o boetse o a phela; mme o ne a lahlehile, mme o fumanwe.
Ka mokgwa o jwalo le lona, etlare ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso;
Bohle ba kgelohile, ba fetohile ba se nang thuso hammoho; ha ho ya etsang hantle, leha e le a le mong.
Ke Luka a le mong feela ea nang le ’na. Nka Mareka, u tle le eena, hobane o na le thuso ho ’na tšebeletsong.
Bao pele le neng le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo, le neng le sa hauhelwe, empa jwale le hauhetswe.