Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.
BaFilipi 2:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste. BIBELE Bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tseo e leng tsa Kreste Jesu. Baasraak Sotho NT Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste. |
Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.
Ekare ha motho a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana, le banababo, le dikgaitsedi, le bophelo ba hae, a ke ke a ba morutuwa wa ka.
Pauluse le sehlopha sa hae ha ba tloha Pafose, ba fihla Perga e Pamfilia; ’me Johanne a tloha ho bona a khutlela Jerusalema.
Empa Pauluse ha a ka a bona ho le molemo ho mo nka le bona, ya neng a ba tlohetse Pamfilia, mme a se ke a ya le bona mosebetsing.
Jwalokaha le nna ke kgahlisa batho bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se molemo ho nna, empa se molemo ho ba bangata, hore ba tle ba bolokehe.
Ha le etse tse ditshila, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe kapele, ha le nahane bobe;
Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste.
Hobane batho e tla ba baithati, ba meharo, baikakasi, baikgohomosi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng.
Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.