Ruthe 3:9 - BIBELE9 Boase a re: “O mang?” Ruthe a araba, a re: “Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; apesa lekgabunyane la hao ka kobo ya hao, hobane rona le wena re a tswalana.” See the chapterSesotho 1909/1961 (SO)9 A re: O mang na? Yena a re: Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; o ale moleka wa kobo ya hao, hodima lekgabunyane la hao, etswe o le wa heso. See the chapter |
Ke fumane ho le molemo hore ke o bolelle taba ena, ke re: ‘Reka naha eo moo setjhaba sa heso le baholo ba sona ba leng teng. Haeba o e lopolla, e lopolle; le teng ha o sa e lopolle, mpolelle, e le hore ke tsebe, hobane ha ho e mong ya ka e lopollang haese wena, kapa nna, hobane ke a o hlahlama.’ ” Monna eo a re: “Ke tla e lopolla.”