Mikea 4:1 - BIBELE1 Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e hahilweng hodima yona, e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona. See the chapterSesotho 1909/1961 (SO)1 Mehleng ya bofelo, thaba ya ntlo ya Jehova e tla be e thewe qhoweng tsa dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba di tla phallela teng. See the chapter |
“Mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda, Mmika wa Moreshete a na a porofeta, a bolella setjhaba sohle sa Juda, a re: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: “ ‘Sione e tla lengwa jwalokaha eka ke tshimo, Jerusalema yona e fetohe diqubu tsa majwe, leralla leo Tempele e hahilweng hodima lona le fetohe tututswana e aparetsweng ke moru.’
Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi.
Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.