Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Mikea 1:6 - BIBELE

6 “Ka baka leo, Samaria ke tla e fetola lesupi, dirapa tsa morara di lengwe teng; majwe a yona ke tla a akgela ka kgohlong, metheo ya yona e sale poyaneng.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka baka leo, ke tla fetola motse wa Samaria, o be jwaloka sefika sa majwe se pela tshimo, le moo ho ka lengwang merara; ke tla akgela majwe a wona thotaneng, ke kwaholle metheo ya wona;

See the chapter Copy




Mikea 1:6
19 Cross References  

Haeba a ka etsa sealo ho ya kena motseng, Baiseraele bohle ba tla tlisa mehala, mme ka yona re hulele motse oo ka nokeng, ho fihlela ho se lejwe le le leng la motse oo le setseng.”


Kamora dilemo tse tharo a e hapa. Samaria ya hapuwa ka selemo sa botshelela sa puso ya Hesekiya, e leng sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Iseraele.


Ka selemo sa bone sa puso ya kgosi Hesekiya, seo e neng e le sa bosupa sa puso ya Hoshea, mora wa Ela, kgosi ya Iseraele, Salemanesere, kgosi ya Asiria, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.


“ ‘Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, o e timetse, e be masupi.


Bona ke boporofeta malebana le Damaseka: “Damaseka ha e sa tla hlola e eba motse, Damaseka e tla ba qubu ya masupi feela.


Qhobosheane e marako a phahameng o tla e heletsa, a e heletse, e burame fatshe, a e heletse, e fetohe lerole.


Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.


Thabeng tsa Samaria o tla boela o lema morara, balemi ba o leme, ba je tholwana tsa wona.


“Wena thaba e timetsang ke a o lwantsha, wena ya timetsang lefatshe lohle,” ho rialo Morena. “Ke tla o nanabela ka letsoho la ka, ke o thete, o wele, ke o dihele ka dilomong, ke o tshwantshe le thaba e le lehoko.


Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona.


“Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona.


Kgauta e phatsimang e fifetse hakaakang! Kgauta e hlwekileng e silafetse hakaakang! Majwe a bohlokwa a qhalane kahohle hukung tsa diterata tsohle!


Kahoo ke tla heletsa lerako lena, leo le le ditseng ka phepa, ke etse hore le qhemetsehele fatshe, e le hore motheo wa lona o tle o bonahale. Ha lerako lena le ewa, le tla le wela hodimo le le timetse, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Samaria e tla fumana kotlo, hobane e fetohetse Modimo wa yona. Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole, masea a bona a pshatlanngwe fatshe, baimana ba bona ba tabolakwe dimpa.”


Kaha le hatakela mofutsana, le mo qobelle ho le fa mabele a hae, le ke ke la dula kahara matlo le a hahile, le a hahile ka majwe, le a betlile; le masimo a morara o motle le a lemme, empa le ke ke la nwa veine ya wona!


Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”


Ka baka la lona Sione e tla lengwa, e lengwe jwalokaha tshimo e lengwa, Jerusalema e fetohe, e be masupi, thaba ya Tempele e ririellane difate.


O no futuha ho ya lopolla tjhaba sa hao, o ilo pholosa motlotsuwa wa hao. Molaodi wa ba kgopo o mo timeditse, wa mo hlobodisa ho tloha hodima hlooho, wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong.


A ba botsa, a re: “Na tsee kaofela le a di bona? Ruri ke a le bolella hore ha ho na lejwe le tla sala hodima le leng mona; a tla heletswa kaofela.”


Follow us:

Advertisements


Advertisements