Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 9:8 - BIBELE

8 Ba araba Joshua, ba re: “Re bahlanka ba hao.” Joshua a ba botsa hape, a re: “Le bo-mang? Hona le tswa kae?”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba re ho Joshua: Re bahlanka ba hao. Joshua a re ho bona: Le bomang? Le tswa kae?

See the chapter Copy




Joshua 9:8
9 Cross References  

Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”


Haeba motse oo o amohela dipallo tseo tsa kgotso, mme o le dumella hore le kene ho wona, batho bohle ba fumanwang ka ho wona e tla ba makgoba a lona, mme ba tla le sebeletsa.


Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”


Jwale baholo ba setjhaba sa rona, le baahi bohle ba naha ya rona, ba re: ‘Nkang mofao, le tsamaye, le yo ba kgahlanyetsa, le re ho bona: Re bahlanka ba lona, mme re le kopa ho etsa selekane le rona.’


Ka baka lena he, le rohakehile, mme ha le ka ke la phetsa ho ba makgoba a rwallelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, a e kgellang metsi.”


Bona mona, re matsohong a hao, seo o bonang hore se lokile, wena o re etse sona.”


Empa ho tloha ka lona letsatsi leo, Joshua a ba etsa makgoba a rwallelang setjhaba patsi, a se kgellang metsi, le a rwallelang aletare ya Morena patsi, le a e kgellang metsi sebakeng seo Morena a tla se kgetha, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Follow us:

Advertisements


Advertisements