Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 9:3 - BIBELE

3 Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa ba ahileng Gibeone, ha ba utlwa kamoo Joshua a entseng ka Jeriko le Ai kateng,

See the chapter Copy




Joshua 9:3
17 Cross References  

Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.


le Jisemaya wa Gibeone, eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo, e bile e le molaodi wa bona, le Jeremia, le Jahasiele, le Johanane, le Josabada wa Gedera,


A tsamaya le setjhaba sohle, a ya sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, hobane Tente ya Modimo eo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a e etse ha a le lehwatateng, e ne e le hona moo Gibeone.


Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bone sa ho qaleha ha puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, ka sona selemo seo, Hananiya, mora wa moporofeta Asure, ya neng a etswa Gibeone, a bua ho nna re le ka Tempeleng ya Morena, moo ho leng teng baprista le setjhaba sohle, a re:


Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona.


A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.


Ka lona letsatsi leo Joshua a hapa motse wa Makeda, mme a bolaya kgosi ya wona ka sabole, a timetsa ho hang bohle ba neng ba phela motseng oo, a se ka a siya le ya mong. A etsa kgosi ya Makeda jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.


Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.


Ha ho motse le o mong o ileng wa etsa kgotso le bana ba Iseraele, haese wa Bahife feela, e leng wa baahi ba Gibeone; e meng yohle ba ile ba e hapa ntweng.


Metsana ya yona ke ena: Gibeone, le Rama, le Beerote,


Naheng ya morabe wa Benjamine ya eba Gibeone le makgulo a yona, le Geba le makgulo a yona,


Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.


Joshua a bitsa Bagibeone, a bua le bona, a re: “Ke hobaneng le ileng la re thetsa, la re le tswa hole, empa le ntse le ahelane le rona?


ba loha mano. Ba tsamaya ba ikgakantse jwalokaha eka ke baromuwa, ba bofa mekotla e tsofetseng ditonking tsa bona, le makuka a tsofetseng a veine, a seng a ile a phatloha, a ba a rokwa.


Follow us:

Advertisements


Advertisements