Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 9:21 - BIBELE

21 Mahosana a boela a re ho setjhaba: “A re ba tloheleng ba phele, e le hore e tle e be bona ba rwallelang setjhaba sena sohle patsi, ba se kgellang metsi.” Setjhaba sa etsa jwalokaha mahosana a boletse.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Dihlooho tsa eketsa tsa re ho bona: Ba ke ba pholohe. Ba bewa ba rathang patsi le ba kgang metsi a phutheho yohle, jwalokaha dihlooho di ne di ba boleletse.

See the chapter Copy




Joshua 9:21
9 Cross References  

Egepeta e tla hwasa, e hwase sa noha e baleha, e hwase ha sera se etla ka sekgahla; ba tla e futuhela ba tshwere dilepe, ba di tshwere sa banna ba rema difate.


“Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele,


bana ba lona, basadi ba lona, le bajaki ba kahara diahelo tsa lona, ho tloha ka motho ya rwallang, ho isa ho ya kgang metsi.


Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona.


Joshua a etsa kgotso le bona, a ba a etsa selekane le bona sa hore a ke ke a ba bolaya. Mahosana le wona a ba hlapanyetsa.


Re tla ba etsa tjena: Re tla ba tlohela ba phele, esere ra itlisetsa kgalefo, ka baka la kano eo re neng re ba hlapanyetse yona.”


Ka baka lena he, le rohakehile, mme ha le ka ke la phetsa ho ba makgoba a rwallelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, a e kgellang metsi.”


Empa ho tloha ka lona letsatsi leo, Joshua a ba etsa makgoba a rwallelang setjhaba patsi, a se kgellang metsi, le a rwallelang aletare ya Morena patsi, le a e kgellang metsi sebakeng seo Morena a tla se kgetha, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Follow us:

Advertisements


Advertisements