Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 9:17 - BIBELE

17 Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.

See the chapter Copy




Joshua 9:17
24 Cross References  

Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine.


le Jisemaya wa Gibeone, eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo, e bile e le molaodi wa bona, le Jeremia, le Jahasiele, le Johanane, le Josabada wa Gedera,


Bana ke ditloholo tsa Kalebe, mora wa Hure, letsibolo la Eferata: Shobale a thea Kiriate-Jearime,


Ditloholo tsa Shobale, ya ileng a thea Kiriate-Jearime, e ne e le Baharowe, e leng halofo ya morabe wa Bamanahate.


Merabe ya Kiriate-Jearime ke ena: Bajethero, le Baputi, le Bashoma, le Bamishera. Bona ba ile ba tswala merabe ya Basore le Baeshetaole.


Leaho la Morena, leo Moshe a neng a le etse ha a le nahathothe, le aletare ya nyehelo ya setjheso, di ne di ntse di le sebakeng sa borapedi se Gibeone.


ba tswang Kiriate-Jearime, le Kefira, le Beerote e le makgolo a supileng le mashome a mane a metso e meraro;


ba tswang Kiriate-Jearime, le Kefira, le Beerote e le makgolo a supileng le mashome a mane a metso e meraro;


Ho ne ho ena le monna e mong ya neng a porofeta ka lebitso la Morena. E ne e le Uriya, mora wa Shemaya ya tswang Kiriate-Jearime. Le yena o ne a porofetela motse ona le naha ena timelo, mme a bua mantswe wohle a tshwanang le a Jeremia.


A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.


E be Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, le Raba. Metse ena e ne e le mmedi, le metsana ya yona.


Jwale moedi wa sehwa ho tloha tlhorong ya thaba, ho ya fihla sedibeng sa metsi a Nefetwa; wa fetela metseng ya thaba ya Eferone. Wa boela wa sehwa ho ya Baala — ke yona Kiriate-Jearime.


Moedi wa sehwa, wa pota lehlakoreng le ka bophirimela, wa leba borwa, ho tloha thabeng e tadimaneng le Bete-Horone ka borwa, wa ya fella Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, motse wa bana ba Juda. Ena e ne e le karolo e ka bophirimela.


Ka borwa moedi o ne o tloha qetheng ya Kiriate-Jearime, ebe o leba bophirimela, o yo fihla sedibeng sa Nefetwa.


Kamora matsatsi a mararo ba entse selekane le bona, Baiseraele ba utlwela hore setjhaba sena se haufi le bona, se ahelane le bona.


Empa bana ba Iseraele ba se ke ba ba bolaya, hobane mahosana a setjhaba a ne a hlapanyeditse Bagibeone ka Morena Modimo wa Iseraele. Setjhaba sohle sa korotlela mahosana.


Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,


Ba mo araba, ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole, ka baka la lebitso la Morena Modimo wa lona, hobane re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta.


Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime.


Ba romela maqosa ho baahi ba Kiriate-Jerime, ba re: “Bafilesita ba kgutlisitse areka ya Morena. Tloong, le tlo e lata.”


Jwale banna ba Kiriate-Jearime ba ya, ba nyolla areka ya Morena, ba e isa tlung ya Abinadabe e hodima leralla; ba halaletsa Eleasare, mora wa hae, hore a boloke areka eo ya Morena.


Follow us:

Advertisements


Advertisements