Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 7:6 - BIBELE

6 Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.

See the chapter Copy




Joshua 7:6
30 Cross References  

Ha Rubene a kgutlela ledumeleng, mme a bona hore Josefa ha a yo ka ledumeleng, a hahola diaparo tsa hae,


Jakobo a hahola diaparo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka matsatsi a mangata.


Yaba Davida o tshwara diaparo tsa hae, wa di tabola. Le banna bohle ba neng ba ena le yena ba etsa jwalo.


Ba hlomoha, ba lla, ba itima dijo ho fihlela ka phirimana, ka baka la Saule le mora wa hae Jonathane, le setjhaba sa Morena, le ntlo ya Iseraele, hobane ba ne ba bolailwe ka sabole.


Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.


Davida a rapella ngwana eo ho Modimo, a itima dijo. Bosiu, ha a robala, o ne a robala fatshe.


Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.


Jwale kgosi ya ema, ya hahola diaparo tsa yona, ya tjapalla fatshe. Bahlanka bohle ba kgosi ba ema pela kgosi, diaparo tsa bona di hahotswe.


Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona.


Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona,


Ha Esera a ntse a rapela, a etsa maipolelo, a lla, a itihela fatshe kapele ho Tempele ya Modimo, letshwele le leholo la Baiseraele, e le banna, le basadi, le bana, la phuthehela ho yena, mme batho bao ba lla habohloko.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi yona eo, bana ba Iseraele ba phutheha, ba itima dijo, ba apara tse mahwashe, ba itshela ka mobu dihloohong.


Ha Moredekai a tsebile tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itshela ka molora, a tsamaya hara motse, a ntse a bokolla haholo ka sello se bohloko.


Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng.


Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,


Ha ba mmona ba sa le thokwana, ba batla ba sa mo tsebe. Ba lla sa mmokotsane, ba hahola diaparo tsa bona, ba kgopholela lerole hodimo, ba le tshela hodima dihlooho tsa bona.


Ka baka lena, ke swabela polelo tsa ka, ke ikwahlaya ke le leroleng, ke le moloreng.”


Baholo ba Jerusalema ba ituletse fatshe, ba ituletse fatshe ba kgutsitse, ba kgutsitse ba se na puo; ba itshetse ka lerole hodima dihlooho, mmeleng ya bona ba apere tse mahwashe, barwetsana ba Jerusalema ba inametse fatshe.


Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, e leng ba ba neng ba ilo hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona.


Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”


“Tlohang hara setjhaba sena, ke tla se timetsa ka ho panya ha ntshi!” Bona ba itihela fatshe ka difahleho.


Empa ha baapostola Baranabase le Paulosi ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, ba ikakgela hara letshwele, ba howa,


Joshua a re: “Oho, Morena Modimo, ke ka baka lang o tshedisitseng setjhaba see noka ya Jorodane, ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ebe re ile ra kgotsofalla ho aha mose wane ho Jorodane!


Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela!


Ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: “Jo, moradi wa ka wee! O nkutlwisetsang bohloko hakaale! Na ke wena ya ka ntlisetsang bomadimabe? Ke etseditse Morena kano, mme nke ke ka e kwenehela!”


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?” Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.”


Jwale bana bohle ba Iseraele, le setjhaba sohle, ba nyolohela Bethele. Ba lla, mme ba dula kapele ho Morena. Ka letsatsi leo ba itima dijo ho fihlela ka phirimana. Ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso le ka dinyehelo tsa teboho.


Setjhaba sa fihla Bethele, sa dula teng kapele ho Modimo, ho fihlela ka phirimana. Sa bokolla habohloko,


Monna wa Mobenjamine wa selahlamarungwana a baleha thekong ya ntwa, a ba a ya fihla Shilo ka lona letsatsi leo. Diaparo tsa hae di ne di tabohile, hlooho ya hae e tshetswe ka lerole.


Follow us:

Advertisements


Advertisements