Joshua 7:14 - BIBELE14 “ ‘Ka baka leo, hosasane le tla tliswa mona ka merabe ya lona. Morabe oo Morena a tla o kgetha, o tla atamela ka malapa a wona; lelapa leo Morena a tla le kgetha le tla atamela ka dihlooho tsa matlo a lona, mme ntlo eo Morena a tla e kgetha, banna ba yona ba tla atamela ka bomong. See the chapterSesotho 1909/1961 (SO)14 Hosasa, le tla atamela ka meloko ya lona; leloko leo Jehova a le tshwarang, le tla atamela ka methapo ya lona; mothapo oo Jehova a o tshwarang, o tla atamela ka matlo a wona; mme ntlo eo Jehova a e tshwarang, ho tla atamela banna ba yona ka bonngwe. See the chapter |