Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 5:4 - BIBELE

4 Lebaka leo Joshua a neng a ba bolotsa ka lona ke lena: Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta, ba batona, e leng banna bohle ba bahlabani, ba ne ba shwele lehwatateng, ba le tseleng, kamora hoba ba tswe naheng ya Egepeta.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Taba ke ena eo Joshua a ba boloditseng ka baka la yona: Batho kaofela ba neng ba tswile Egepeta, ba batona, banna ba ntwa kaofela, ba ne ba timetse tseleng hara nahathothe, ha ba se ba tswile Egepeta.

See the chapter Copy




Joshua 5:4
8 Cross References  

batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata.


“Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa.


“Ha bahlabani bohle ba hara setjhaba ba se ba timetse,


Joshua a iketsetsa dithipa ka lejwe la moralla, a boela a bolotsa bana ba Iseraele ha ba le Gibeata-Haralote.


Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta ba ne ba bolotse, empa batho bohle ba ileng ba tswallwa lehwatateng, ha ba le tseleng, ba etswa Egepeta, e ne e le maqai.


Follow us:

Advertisements


Advertisements