Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 24:5 - BIBELE

5 “ ‘Hamorao ka romela Moshe le Arone, mme ka otla Egepeta ka diwa tseo ke ileng ka di etsa hara yona. Hamorao ka le ntsha moo.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka roma Moshe le Aarone, mme ka otla Egepeta kamoo ke entseng kateng hara yona, ka ntoo le ntsha teng.

See the chapter Copy




Joshua 24:5
13 Cross References  

A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo, bakgethwa ba hae ka ditlatse tsa thabo.


Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana.


Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.


Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.


Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.”


Ke bona bo-Arone le Moshe ba neng ba bue le Faro, kgosi ya Egepeta, ba re a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya Egepeta.


Ka ntsha bo-ntata lona Egepeta, mme ba fihla lewatleng. Baegepeta ba phaladisa bo-ntata lona ka dikariki tsa ntwa, le ka dipere ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka.


Follow us:

Advertisements


Advertisements