Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 24:12 - BIBELE

12 Ka eteletsa bobi kapele, mme ba ba leleka kapele ho lona. Ba leleka le dikgosi tse pedi tsa Baamore; e seng ka sabole ya hao, kapa ka seqha sa hao.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka ba ka romela le bobi pela lona, ba leleka marena a mabedi a Baamore pela lona; ha ho a ka ha eba ka lerumo la hao, leha e le ka seqha sa hao.

See the chapter Copy




Joshua 24:12
13 Cross References  

Sihone, kgosi ya Baamore, le Oge, kgosi ya Bashane, le mebuso yohle ya Kanana.


O ile wa o lokisetsa mobu, metso ya teba, yaba wona o tlala naha.


O ile wa hlomola morara Egepeta, wa tla o hloma moo, moo o lelekileng ditjhaba teng.


Ke tla romela bobi ho o etella pele, mme bo tla leleka Bahife, le Bakanana, le Bahete kapele ho wena.


“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.


Ka mokgwa ona Baiseraele ba aha naheng ya Baamore.


Moshe a romela dihlwela Jasere. Baiseraele ba hapa Jasere le metse e mathokong a yona, ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo.


Seo Morena a neng a se etse ho Sihone le ho Oge, dikgosi tsa Baamore, tseo a neng a di timetse, a ba a se etsa le naheng ya tsona, le ho ditjhaba tsena o tla se etsa.


Ba ne ba le kgohlong e mose o ka kwano ho Jorodane, malebana le Bete-Peore, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone. Ke yena eo Moshe le bana ba Iseraele ba ileng ba mo hlola, ha ba ne ba etswa Egepeta.


Ba ile ba hapa naha ya hae, le naha ya Oge, kgosi ya Bashane, e leng dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di ahile mose o kwano ho Jorodane, ka botjhabela.


Hape Morena Modimo wa lona, o tla romela bobi hara tsona, ho fihlela ho timela ditjhaba tse setseng, le tse ipatetseng lona.


Re utlwile kamoo Morena a neng a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho lona kateng, ha le ne le etswa Egepeta. Re utlwile le seo le neng le se etse ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone le Oge, bao le neng le ba ripitle ho hang.


Follow us:

Advertisements


Advertisements