Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 23:9 - BIBELE

9 “Morena o faladitse ditjhaba tse kgolo, tse matla, kapele ho lona, mme ha ho ya kileng a ema kapele ho lona ho fihlela kajeno.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane Jehova o lelekile ditjhaba tse kgolo, tse matla, pela lona; mme haele lona, ha ho motho ya kileng a ema pela lona ho fihlela kajeno.

See the chapter Copy




Joshua 23:9
14 Cross References  

A etsa manyala ka ho latela medingwana ya bohata, le ka ho etsa tsohle tse neng di etswa ke Baamore, bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.


Na hase wena Modimo wa rona, ya ileng a leleka baahi ba naha ee kapele ho setjhaba sa hao sa Iseraele, wa ba wa e nea ditloholo tsa Aborahama, motswalle wa hao, kamehla yohle?


“Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse.


Ke tla ba lelekisa kapele ho wena butlebutle, ho fihlela o eba le bana ba bangata, naha e eba ya hao.


Bo-ntata rona ba e amohela. Tlasa tsamaiso ya Joshua, ba tla le yona naheng ya baditjhaba, bao Modimo a ileng a ba leleka pela bo-ntata rona, ho fihlela mehleng ya Davida.


Morena o tla leleka ditjhaba tsena tsohle kapele ho lona, le falatse ditjhaba tse kgolo ho le feta, tse matla ho le feta.


O tla neelana ka dikgosi tsa ditjhaba tseo matsohong a lona, mme le tla timetsa mabitso a tsona lefatsheng. Ha ho motho ya ka le emang kapele, ho fihlela le di timeditse tsohle.


Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.


Naheng eo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake, e leng Sheshai, le Ahimane, le Talamai, ditloholo tsa Anake.


Morena Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka, a di falatse kapele ho lona, mme naha ya tsona e be ya lona, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a le tshepisitse.


Le kgomarele Morena Modimo wa lona, jwalokaha le entse ho fihlela kajeno.


Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.”


Follow us:

Advertisements


Advertisements