Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 21:1 - BIBELE

1 Dihlooho tsa malapa a Balevi tsa tla ho moprista Eleasare, le ho Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa merabe ya bana ba Iseraele.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba dihlooho tsa bontata Balevi ba tla ho moprista Eleasare, le ho Joshua, mora Nune, le ho dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele.

See the chapter Copy




Joshua 21:1
9 Cross References  

Ho rohakwe bohale ba bona, hobane bo ne bo tshabeha; le kgalefo ya bona, hobane e ne e se na mohau! Ke tla ba qhalakanya hara bana ba Jakobo, ke ba hasanye hara fatshe la Iseraele.


Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Iseraele. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Ana ke wona malapa a Rubene.


Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease. Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona.


Morena a bua ho Moshe, ha Moshe a ne a le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, a re:


Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.”


Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele.


Baradi bana ba tla kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho Joshua, mora wa Nune, le kapele ho mahosana, ba re: “Morena o laetse Moshe hore a re nee lefa lefeng la dikgaitsedi tsa rona.” Ka baka leo, ka taelo ya Morena, Joshua a ba abela lefa lefeng la bana babo ntata bona.


Ena ke naha e ileng ya ajwa ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le bao e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba merabe ya bana ba Iseraele; ba e aba ka lotho ba le Shilo, kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. Yaba jwale ba qetile ho aba naha.


Follow us:

Advertisements


Advertisements