Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 20:5 - BIBELE

5 Haeba mophetetsi wa madi a ka mo lelekisa, ha ba na ho neelana ka yena matsohong a mophetetsi eo, hobane mmolai o bolaile wa habo e se ka morero, mme le pele ho moo a ne a sa mo hloya.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mophetetsi wa madi ha a mo phallela, ba se ke ba mo nea mmolai; hobane o bolaile wa habo a sa hopole, a sa ka a mo hloya pele.

See the chapter Copy




Joshua 20:5
3 Cross References  

“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena:


Metse ena e tla ba setshabelo sa lona ho mophetetsi, e le hore mmolai a tle a se ke a bolawa a eso hlahiswe kapele ho setjhaba hore a ahlolwe.


Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.


Follow us:

Advertisements


Advertisements